Christ in Song Christ in Song Sotho

Keresete Pineng · Christ in Song Sotho

263. Tlisang Tsa Boshome

Utloang lentsoe la bibele kamehla, \"Tlisang tsa boshome
polokelong\",
Etsang boinehelo bo-sa-feleng, Le ts’epe lits’episo tsa Hae.

*CHORUS
Tlisang tsa boshome polokelong, Le nteke \"Ho bua Jehova.\"
Ke tla le hlohonolofatsa, Ka tekanyo e fetisang tsohle. *

Le batla tsebo ea moe’ o Halalelang? \"Tlisang tsa boshome
polokelong.\"
’Me le tla phela le Oona setsoalleng, O tla le fa hlohonolo.

Le arohanngoa ke eng le Morena? \" Tlisang tsa boshome
polokelong.\"Li tliseng joalokaha li ts’episitsoe. O tla le neha moputso.

Phahamisetsang Morena lipelo,\"Tlisang tsa boshome
polokelong.\"
Le bokeng ka bots’epehi le ka limpho. Pelong tseo le li ruileng.

Phahamisetsang poko maholimong, \"Tlisang tsa boshome
polokelong\"
Re bineng Alleluya thabong, Monateng hobane re na le ts’epo

Help keep these hymns free

Your donation can help maintain the website, improve accessibility and keep the hymns freely available.

Hymn details

Hymnal: Keresete Pineng

Search name: Christ in Song Sotho

Language: Sotho

Hymn number: 263

Permanent page: number and title URL

This page preserves Tlisang Tsa Boshome as Hymn 263 in Keresete Pineng. It is part of the Christ in Song Sotho collection within a multilingual Adventist hymn archive built for reading, searching, sharing and comparing hymn traditions across languages.

Use the previous and next buttons to continue through this hymnal, or return to the collection page to search by number and title. The reading tools above let you adjust text size, save favourites and share the hymn with others.

Reading and preservation note

Historic and regional hymn texts can contain spelling differences, older punctuation, local wording and transcription variations. This archive keeps the hymns searchable while allowing future corrections and improvements to be made carefully.